11/06/2026
The Right Honourable Prime Minister Ntsokoane Matekane led a groundbreaking ceremony to mark the start of construction of the Matlali to Lebakeng Road earlier today.
The ceremony was held at 'Melikane Combined School in Qacha's Nek.
11/06/2026
“Khaho ea tsela ena e tlo bula menyetla ea mesebetsi, e be e ntlafatse moruo oa sebaka sena ka khiriso ea matlo ho basebetsi le ho bula mehloli ea bona ea chelete ka ho sebetsa tseleng ena”.
“Bophelo ba sechaba sa h’eso bo tla bolokeha ha tsela e phethetsoe kaha bakuli ba tla fihla sepetlele sa Machabeng ka nako”, Morena Naha Nyatso, oa Ha Nyatso.
Tsela ea sekontiri ho tloha Ha Matlali ho ea Lebakeng e tlo haola le metse e latelang:- Ha Matlali, Tsoelike, Ha Nyatso, Ha Thaba, Hohobeng, Mapeleng, Litšoeneng, Ha Dodomayo, Ha Khoathi, Likileng, Ha Chale, Ha Kotsoane, Thueleng, Ha Mookho, Letlapeng, Khubetsoana, Mcangeni, Tsoapetsane, Ha Ramokakatlela, Mosenekeng, Motse-Mocha, Ha Molomo, Ha Letete, Ha Rammechana, Libobeng, Ha Tšiu, Mankoe, Thaba-Putsoa Ha Ramotheba, Sekoting le Ha Fatboy.
Sechaba sa metse ena le e haufi le eona, se tla nolofalloa ke ho phetha maeto a letsatsi le letsatsi ha morero oa khaho ea tsela ena o phethetsoe.
10/06/2026
"Ke na le ts'epo ea h**e lenane la bana sekolong le tla nyoloha ha tsela e se e le boemong ba lets'oana", Mosuoe-hlooho oa Sekolo se Phahameng sa 'Melikane, Ntate Lits'ila Koatsi.
10/06/2026
Ke selemo sa bohlano Ntate Jelo Makhetha oa Tsoelike, Ha Matlali, a qalile ho iphelisa ka temo ea meroho. Qholotso e kholo eo a tobanang le eona ke ho fihlisa meroho ‘marakeng kampong.
“Lenane le tlaase la likoloi tsa baeti tse tsamaelang mona haeso hammoho le tefo e phahameng ea likoloi tsa baeti e ama thekiso ea meroho,” o rialo.
Khaho ea tsela ea lets'oana ea Matlali - Lebakeng e tla thusa ho ntlafatsa mekhoa ea boipheliso le ho holisa khoebo tikolohong ena.