03/04/2022
Kajeno lekhotla la rona la AD ha lea ithola moroalo. Lebatooeng la mosalemane hape e ne le peiso ea lipere e hlophosoang le ho tshehetsoa ke prof Ntoi Rapapa motlatsi oa Moetapele. Hara baeti ba bohlokoa e bile Moetapele ke seqo litho tsa komiti e kholo le e kholo ea bacha. Ka nnete e bile mosebetsi o motle haholo. Ha re tiieng maholosiane khotla la rona le sa phela mabatoeng. Pele fela wena! ππΎππΎππΎ
29/03/2022
Ha leholuotsoana thalaboliba le qeta ho feta le ruthutha le hohola le ho tshabisa a mang a masole a Mokola a hatjoa ntt Motlatsi oa Moetapele Prof Ntoi Rapapa ke ha qabanya molamu le tsebe ho ea senqunyane ho ea batlela AD lipalo. ππΎππΎππΎ
27/03/2022
Kajeno lekhotla la rona le tla ba le kopano ea ho hlahloba tshenyo e bakiloeng ke leholuotsoa la Thalaboliba. Bohle ba haufi ha re kopaneng offising ea lekhotla mpilo estate re fa Moetapele Tsepo. ππΎππΎππΎππΎ
18/10/2021
AD le eona joaloka makhotla a mang e tla lahleheloa ke litho empa kholo ea eona e menahanya ba tsamaeang hofeta ha lekholo.
Le hahole joalo se itumelleng ho khelosoa ke sera rea hlokanang.
Pele feela ππππππππ
21/05/2021
Happy AD Fridayβββββ
30/04/2021
Lumelang maholosiane a metle a ntate Mokola batho ba ho khaba ka bosoeu. Ntt Mokola o re pele fela morao ho tletse
20/06/2020
Terene ea ntt Mokola ea COVID 19 relief fund e tla ba ka Thaba Phechela bokaota bo tlase. Evangeli ea lerato bongoe le kopano ea sechaba e tla aparela makaota hosane.
re kokobele rea kokomoha
are AD
14/06/2020
Ntate Molimo o tsamaile le rona ho ea le ho khutla Pela Tsoeu moo re amohetsoeng ka mofuthu o hlollang.
Monghali Tieho Mamasiane ha a lebohela sechaba sa habo o la qotsa lifela tse peli tsa Sione:
Kenang bohle baka se sa le teng lea bitsoa bohle
Le ba nyoriloeng tlong le noe metsi selibeng sa bophelo. Ka nnete le rona ba AD re matha mantsoeng ao lifela tseo. Pele felaππΎππΎππΎππΎππΎ
13/06/2020
Polelo ea lekhotla la mafumahali la AD ka litaba tsa basebetsi ba lifeme
13/06/2020
Re hooa malume maholosiane a matle bana ba ntate Mokola sefate se molemo sa Machache.
Joalo ka ha le ile la tseba h**e hona le baikopanyi ba boithatelo bo botle ba kopantseng litheko ho phallela bafumanehi tlasa sekhele sa lekhotla la AD ka letlole le bitsoang AD Covid19 RELIEF FUND.
Relief fund team e tsebisa litho tsa boithatelo bo botle tse ka ratang ho sala morero ona morao phano e ea lebatooeng la Pela Tsoeu #10 hosane ka sontaha moo mokhahlelo oa bobeli o tla imona menoana ka litholoana tsa lerato ho tsoa ho AD ka mora lebatooa la Makhaleng #46.
Re hooa ka lentsoe le phefa ho lona bana ba Mokola h**e re eeng ka bongata ho lota ntt moetapele nakong tsena tse thata. Etsoe hlahlela le lla ka le leng, bana ba khoale ba bitsana ka meloli, noka e tlatsoa ke linokana ka ho cho joalo ke re ha re phalleng ka moo re khonang ho thusa Basotho nakong ena ea tlokotsing. Pele fela wenaππΎππΎππΎ
31/05/2020
Maobane AD COVID 19 relief fund team e ne le Ha Lebona lebatooeng la makhaleng moo batho ba lekholo 100 ba imonneng menoana ka meqeqekoa ea lijo e tsoang ho basamaria ba molemo ba lekhotla la AD.
Molaetsa oa Mokola ke h**e re thusaneng re phuthaneng Basotho molemong oa bongoe le kopano ea rona re le sechaba. Pele fela MaholosianeππΎππΎππΎ